To share the love from Ba re e ne re‘s recent “Freedom of creative expression” writing contest we wanted to publish some of the great short stories that were submitted to us. We plan to feature many stories over the coming weeks so get ready! The first story, Bophelo bo naka li maripa by Lits’oanelo Yvonne Nei, was one of our 3 contest prize-winners. Enjoy.
* * *
“U tla llela metsotso ngoan’ake, ke bona u potlakile haholo”. Ke mantsoe a nkhono ao, homme a sa hlokofala hee mofokeng eo ke ketso tsaka tsa bocheng. E se feela, nkile ka nkuoa ke lefatše ke tletsoe ke boikhantšo, ke lumela hore ha ho poho-peli, poho ke ‘na feela! Ke ne ke holisoa ke eena nkhono ke le ntho e ka matsohong ke sa hloke letho, empa ea re ha ke kena boroetsaneng ka fetoha tuu ka makatsa ba bangata ba neng ba ntšepile.
Ea re likolo li phomoletse keresemese hoa fihla motseng mohlankana oa seithati a tsoa Belekomo. E mochitja ea litšika-tšika,a tsamaea ka boqhetseke bohle, pono e ntle ruri. Ka hanong teng e le kheleke. Khele, ka lumela ho nkeha maikutlo ke eena etsoe o ile a nkatamela boo! Ra tšepisana maholimo le mafatše hoo ke ileng ka utloa hore sekolo se tla salla ba se ratang, ha e le ‘na ke ne ke sala tjaka eo morao. Re ile ra rera ho tsoa ka la pholo-khoaba. Nkhono a qhoeloa habohloko ke taba eo, hoo a neng a kene sepetlele ke pelo bohloko.
Ke ne ke sa natse letho, maikutlo a hapehile ke koete. Bo-malome ba lekile ho nthiba empa ka ba tšetlehela mabaka ka boikhohomoso bohle ho fihlela ba liha melala. Ka letsatsi le behiloeng ra fela ra kena tseleng. Hlathe e lelekisa tsebe ka hore ke ne ke qala ho tsoa ka har’a motse oa heso oa Linakeng. Leeto la ntšulafalla hanyane ha re palama bese e lebang Belekomo, basali lehlatso! Ea be e fofa le eona, empa ea re pepa ka botšepehi ra ba ra re kutu! lekeisheneng. Ao! Ka tloaela kapele, ka nonopela. Ra phela hamonate le eo molekane oaka, eo ke neng ke ‘mitsa Ati Jemese, joale ebe o tla bobotheha hamonatjana a bolele kamoo ke leng lehakoe la pelo ea hae kateng. Ke ne ke lebetse tuu ka ba ‘lapa leso, ke ja monakalali oa keboleloa. Nako ea feta, meso ea tsoala mesoana; ka le leng ka elelloa hore ke ‘meleng. Ka emela Ati Jemese hore a khutle mosebetsing hore a tlo utloa taba tsena.
“Letekatse tooe!”: Ke eena eo, “’na kea sebetsa uena u tlala-tlala le motse u ntlisetsa likhohloana?” Ha a rialo a ntjabela haholo ka mpama ka ba ka bona linaleli. Ka ea bobeli teng ka hla ka ilibana. Ha ke re phapha ka fumana ke le sepetlele,’mele oaka o choachoasela, hlooho e le boima. Mooki ea neng a nhlahloba a nkeletsa hore ke leke ho phomola kaha ke lahlehetsoe ke mali a mangata, ‘moho le leseanyana laka. Ke ile ka sareloa haholo, le ho utloa hore Ati Jemese haa ka le beha sepetlele. Baoki bao ba molemo ba ile ba nhlabolla ka makhethe ‘me ka ikana hore le ‘na ke tla fetola maphelo a batho.
E bile tšoabo e kholo ha ke kena motseng haeso ke hoshola ke tšaba ho teanya mahlo le batho. Semomotela sane sa phokeng se phobetse habohloko,tšobotsi li qhalane. Nkhono a nkamohela ka meokho empa a nkhothatsa, a ntlhokomela ‘me ka okoloha ka boela ka ba motho hape! Ke ile ka boela sekolong moo ke ileng ka ithukhubetsa ka setotsoana ho fihlela ke qeta lithuto tsaka tsa booki. Ke nakong eo moo ke ileng ka hlohonolofatsoa ka lerato la sebele, ka qetella ke nyaloa ke ngaka e kholo sepetleleng seo ke seng ke sebetsa ho sona. Nkhono o na hlabe o bohale molilietsane mohla lechato laka, le bo-malome lifahleho li elile.
Nako e ile ea feta, lelapa laka la tiea ra sitsoa ka poropotloana tse tharo tse masene. Thabo e kholo ruri. Ka tsatsi le leng ha ke le mosebetsing ke ha ke re ptjang-ptjang le sefahleho seo ke neng ke se ke se lebetse. Pono e nyarosang ruri. Leha a ne a se a phobetse, a rerekela ha a tsamaea,ka hla ka bona ka tseka la mathe; lona lane la ho nkhapa maikutlo mehleng ,hore enoa ke Ati Jemese. Marama a ne a bothetse, ‘tlalo le borethe lane le qhitsa lihloba, mahlo a le masehla, melomo e rephile e le lilatsoa. Re ile ra shebana kahar’a thaka tsa mahlo, eaba o re sihla, fatše! Re ile ra mo phalla ka potlako lle basebetsi ‘moho le ‘na ‘me kajeno ke mokuli oaka ea hlabolohileng, ea seng a amohetseng hore o tla phela ka kokoana-hloko ea bosolla-hlapi.
Ba ile ba bua Basotho, ba re: “bophelo bo naka li maripa.”
Reblogged this on arooflessplanefloatn's Blog.
E ngotsoe ka boqhetseke bo boholo pale-khutšoane ena. Ekare e ka se fele; ka bala ho ea pele. Well done Ms ‘Nei.
Pale e monate ka puo e thabisang…
Pale ena e na le molaetsa e ngotsoe ka bokhutsoane bohle lebo qhetseke reea leboha hle ngoana borona Yvonne Nei