Anthology 1

Khokahanyo ea lipale tse khutšoane

Khokahanyo ena ea lipale e tla hatisoa bukeng ea pampiri le bukeng ea marang-rang. Sepheo sa rona ke hlahisa bokheleke le boqapi ba ho ngola lipale tse khutšoane ho tsoa lingoling tsa Basotho ba lulang ka har’a naha ea Lesotho.

Lipehelo tse tataisang – bala ka hloko

  • Letsoalloa la Lesotho kapa moahi ea phetseng Lesotho bonyane lilemo tse tharo a ka romella lipale tsa hae. Ba re e ne re e tla amohela lipotso ho ba se nang bo ‘nete ba hore na ba oelella ka lesakaneng le feng le boletsoe.
  • Batho ba nang le thahasello ba ka romella lipale tse sa feteng boraro.
  • Lipale li se ke tsa ba tse kileng tsa hatisoa kae kapa kae pele.
  • Lipale e be tse iqapetsoeng, ‘me li be bolelele bo lipakeng tsa mantsoe a sekete le likete tse hlano (1000-5000).
  • Lipale li ka ngoloa ka leleme la Sesotho kapa la Senyesemane.
  • Lipale tsohle tse tla romelloa e be mosebetsi o qapiloeng le moromelli ka sebele, eseng o qopilitsoeng.
  • Lipale li romelloe lipakeng tsa 1 Mots’eanong le 30 Phuptjane 2016.
  • Lipale li romelloe ka mokhoa oa ho qhoaelloa posong ea marang-rang (e-mail attachment) atereseng ena barelitfest@gmail.com
  • Ka ho romella lipale tsa bona, motho le motho o fana ka litokelo tse ikhethileng ho Ba re e ne re ho hatisa mosebetsi oa bona pampiring le marang-rang.
  • Hang hoba motho a fane ka mosebetsi oa hae o itlama ho sebetsa le bahlophisi ba buka ena ea khokahanyo ea lipale tse khutšoane ho lokisetsa hore lipale tsa bona li tle li hatisoe.

Leave a comment