Khokahanyo ea lipale tse khutšoane
Khokahanyo ena ea lipale e tla hatisoa bukeng ea pampiri le bukeng ea marang-rang. Sepheo sa rona ke hlahisa bokheleke le boqapi ba ho ngola lipale tse khutšoane ho tsoa lingoling tsa Basotho ba lulang ka har’a naha ea Lesotho.
Lipehelo tse tataisang – bala ka hloko
- Letsoalloa la Lesotho kapa moahi ea phetseng Lesotho bonyane lilemo tse tharo a ka romella lipale tsa hae. Ba re e ne re e tla amohela lipotso ho ba se nang bo ‘nete ba hore na ba oelella ka lesakaneng le feng le boletsoe.
- Batho ba nang le thahasello ba ka romella lipale tse sa feteng boraro.
- Lipale li se ke tsa ba tse kileng tsa hatisoa kae kapa kae pele.
- Lipale e be tse iqapetsoeng, ‘me li be bolelele bo lipakeng tsa mantsoe a sekete le likete tse hlano (1000-5000).
- Lipale li ka ngoloa ka leleme la Sesotho kapa la Senyesemane.
- Lipale tsohle tse tla romelloa e be mosebetsi o qapiloeng le moromelli ka sebele, eseng o qopilitsoeng.
- Lipale li romelloe lipakeng tsa 1 Mots’eanong le 30 Phuptjane 2016.
- Lipale li romelloe ka mokhoa oa ho qhoaelloa posong ea marang-rang (e-mail attachment) atereseng ena barelitfest@gmail.com
- Ka ho romella lipale tsa bona, motho le motho o fana ka litokelo tse ikhethileng ho Ba re e ne re ho hatisa mosebetsi oa bona pampiring le marang-rang.
- Hang hoba motho a fane ka mosebetsi oa hae o itlama ho sebetsa le bahlophisi ba buka ena ea khokahanyo ea lipale tse khutšoane ho lokisetsa hore lipale tsa bona li tle li hatisoe.
So are we the followers gonna be able to access the stories here online before printing or not? Otherwise mosebetsi ke o motle